KEREKE YA SEFAPANO SEHALALENG ‘RUDE’

 

Kereke ya pele setsheng sena e thehilwe ke King David wa pele ka selemo sa sekete lekgolo le metso e robong; empa ya sennagwa ke mollo ka selemo sa sekete makgolo a mane a metso e tsheletseng. Hang-hang ka morao ho moo mpho ya phallelo e tswang ho The Lord Chamberlain wa Scotland ya thusa ho aha kereke e ntjha, mme moaho o motjha wa qetwa ka selemo sa sekete makhalo a mane le metso e mene. Karolo ena ya kereke ya Kgabiswa ka di-pilara le marulelo a matle ho feta moaho wa pele.

 

Ka lebaka la hore kereke ene ese kgolo ho anela phuthehu, karolo ya botshabela ya ahiwa mahareng a selemo sa sekete makgolo a mahlano, le metso e supileng le sekete makholo a mahlano mashome a mane le metso e tsheletseng, ka tlasa tsamaiso ya John Coutts, Master Mason.

 

Ka selemo sa sekete makgolo a tsheletseng mashome a mohlano le metso e tsheletseng ka mora dikgohlano kapa qabang mahareng a baruti ba babedi ba kereke le phutheho tsa bona; Mohokahanyi wa toropo a aha lebota moo, moedi leng teng hona jwale, e leng dikarolo tse pedi, kereke e botshabela le bophirima kathasa tsamaiso ya moruti sebaka le sebaka. Maemo a ile a tswela pele ho fihlela ka 1935 , ha diputheho tse pedi di kopangwa ka tlasa tshebeletso ya moruti a le mong.

 

Ho ile ha eba le boelano e kgolo ka selemo sa 1936 – 1940. Moedi wa lebota wa tloswa, mme meaho ya atoloswa, Marulelo a setshwantsho sa sefapano a ahwa le vestries and session house ya lokiswa.

 

Poelano ya tswelapele dilemong tsa 1965 & 1968, ha betlwa lejwe le letjha la tracery ha lokiswa majwe a senyehileng, tsohle tsa ntjhafatswa. Ka selemo sa 1970, tshepe e kholo ya carillon ya lokiswa ‘me ya bewa hape ya lekelhiswa sebakeng sa yona’. Tsepe ena eka letswa ka matsoho kapa ka motlakase. Mahareng a 1987 & 1993 kereke ile ya lokiswa ya ntjhafatswa ka di tjeho tsa GBP 1,250,000.

 

Mary, mafumahadi wa Scots, ke mophutheho kerekeng ena, mme John Knox O ile a rera mona. Mora e monyenyane wa Mary, James wa bone wa Scotland, a ileng a ba, James wa pele wa Engelane ka selamo sa 1603, ke mora lefu ha Mafumahadi Elizabeth Oile a tlotlwa mona ka di 29 July 1567. Tsena di ile tsa etsa hore kereke eo  ebe yona feela Britain e sebediswang ha ho rapelwa kanti le tsaBoruti ba bodikela Abbey e leng London, moo Coronation e ileng ya nka sebaka.